babueledi Read in English Lees in Afrikaans Read in isiZulu Read in isiXhosa

MANDELA THE LAWYER      English       Afrikaans       isiXhosa       isiZulu 

            
 
Back to home page

E tliswa ho wena ka boitshepo ke www.lawyer.co.za -  weposaete ya mahalaya tlhahisoleseding bakeng sa babuelli le molao wa Afrika Borwa mehleng ya kajeno. Batlisisa molao kapa o fumane Setsi/Feme ya Molao.

O ka bala dikahare tse ka tlase ka botlalo kapa wa di laolla monaela hloko: sena se tla o jella datha ya 1Mb. Le ha ho le jwalo re tshepa hore o tla thabela tlhahisoleseding ena e nang le molemo ha o e bala!

Selelekela

E ka ba ka hodimo ho mengwaha kgolo e mmedi ho tloha ka 1941 ho isa ho 1961, Nelson Mandela e le setho sa mokgatlo wa molao wa porofeshene o hlophisitsweng Afrika Borwa: mongodi ya ngodisitsweng, mothusi wa moporofeshenale, mosebeletsi ya ikemeditseng mme eo hape a sebetsang le balekane. Ka 1939, ha a le lemo tse 21, ha a qala dithuto tsa hae Univesithing ya Fort Hare, o ne a fihle a kgannelwa koloi ya bohlomphehi ya Motshwaredi Jongintaba – mme ka 1964, athe ka morao ho moo ha a le 25, o tla fihla Robben Island a kgannwa jwalo ka mohlomphehi ka sefofane sa sesole.

Ena ke pale ya Nelson Mandela, Mmuelli wa porofeshene ya molao le kgopolo ya porofeshene ya phetoho!

Mandela Mmuelli

Nelson Madela o ne a hlahe ka la 18 Phupu 1918, motsaneng o monyenyane lebopong la noka ya Mbase, seterekeng sa Mthatha, mme a qeta dilemo tse ngata tsa bonyenyane ba hae Qunu. Ba lelapa la ntatae e ne le ditho tsa madi a borena le ba lekgotla la morena wa Bathembu. Ba ile ba latella mothapo wa moloko wa bona wa morena Ngubengcuka (c1790-1830) ya neng a ile a kgobokanya borena ba Bathembu, bao e neng e le diqujwana tsa marena. Nelson Mandela o ne a le dilemo tse robong ha ntatae Henry Gadla a hlokahala. Nakwana pele a hlokahala, ntatae o ne a hlophisitse hore Mandela ya sa leng monyenyane o tla ya dula le Morena e Moholo wa Bathembu Jongintaba, motshwaredi wa morena wa Mmuso o Moholo wa boreneng.

 

  rondavel 300 220   jongintaba 300 220  
  Rontabole ya Motsemoholo    Mohlokomedi wa Mandela   
  wa Mqhekezweni moo Mandela   Jongintaba Dalindyebo,  
  a neng a dula teng e sa le ngwana,   ya ileng a mo hodisa,  
 

tlasa tlhokomelo ya Jongintaba

  kamora lefu la ntatae  
         

Ha a le lemo tse 16 o ile a etsetswa mokete wa lebollo dithabeng moo e ileng ya ba monna. Kapelepele ka morao ho moo a nkwa ka koloi ya motshwaredi a iswa Kholetjheng ya Clarkebury, e neng e thehwe ke Baruti ba Mawesele le Morena wa Bathembu Ngubengcuka ya ileng a ba fa setsha ka 1825. Mona Mandela o ile a iponahatsa e le moithuti ya bontshang boitshepo, mme a fumana lengolo la thuto e tlase eo a e entseng a e theoletswe ka lemo tse pedi.

 

Selemo sa hae sa ho qetela a dula sekolong e ne e le ka 1938, Healdtown, mme ka 1939, ha a le lemo tse 21, a fumama lengolo la thuto e tlase ya Univesithing ya Fort Hae, e neng e thehilwe ke Baruti ba Kapa Botjhabela (Eastern Cape) ka 1916 mme e na le baithuti ba 150 ka nako eo. O ile a ingodisetsa ho etsa lekala la tikiri ya BA, a ithuta Sekgowa, Molao wa Anthropotji le Ngodiso ya Bathobatsho, tse neng di tla mo thusa hore a fumane ho hirwa Lekaleng la Bathobatsho Pretoria. E ne e le sepheo se matla mehleng eo mme Mandela a iphumana e tla ba mofetoledi pakeng tsa Sekgowa le Sexhosa, mohlomong a sebetsa le Mmastrata. Motswalle wa hae e moholo e ne e le Kaizer Matanzima eo e neng e le motswalae le mmuelli ya tlase ho ntshetsopele e fapaneng. O ne a ile a fumana tikiri ya BA ya Molao wa Seroma Univesithing ya Fort Hare mme a aqala ho ngola masedinyana a hae a molao ka 1940 mme ka 1944 a fumana kgau ho Cape Law Society bakeng sa katleho ya hae ditlhahlobong tsa Ngodiso ya Bobuelli, le hoja a ne a sa ikemisetsa ho sebetsa jwalo ka mmuelli.

 

Ho ya mafelong a 1940, a sa tswa fihla, Mandela a ikamahanya le dikgohlano tsa baithuti – o ne a ile a kgethelwa ho ba Lekgotleng la Baithuti

Empa ka baka la merusu a hana ho nka setulo seo. Ka baka leo a lelekwa e leng ntho e ileng ya nyahamisa Jongintaba, ya ileng a hatella hore a kgutlele Fort Hare ka selemo se hlahlamang. Ho feta moo Jongintaba o ne a etsa ditokoiseletso tsa ho nyadisa Nelson hong le abutiae Justin mme ka bobedi ba thoba - ba utswitse kgomo tse pedi tsa Jongintaba, mme ba di rekisa ho mohwebi wa motseng.  Qetellong ba fumana ho palamiswa koloi ke mmuelli ho ya Johannesburg mme ba fihla Gauteng ka la 16 Mmesa 1941.

 

  cousin KD Matanzima 300 220   wife evelyn 300 220  
  Nelson Mandela     Mosadi wa pele wa Mandela,    
  le motswalae   Evelyn le bara ba hae ba   
  KD Matanzima    babedi Thembi le Makgatho ho ya  
      pheletsong ya dilemo tsa bo1940  
         

E mong wa batho ba pele bao Mandela le abutiae Justin ba neng ba fihlele ho yena e ne e le Dr Xuma, mopresidente ya neng a sa tswa kgethwa wa ANC le motswalle wa balelapa. Yena o ne a ba fetisetse ho Mr Wellbeloved ya ileng a ba romela ho ya sebetsa Crown Mines. Justin o ile a fumana sebaka sa ho rupellwa ha Mandela a ile a sebetsa jwaloka molebedi wa bosiu. O ne a nehwe katiba e sedikadikwe, molamu wa kotjane wa bosiu le phala. Ha boela ha fihla thelekeramo e nngwe e tswang ho Jongintaba e kopang ntona ho romela bobedi bona lapeng. Mandela o ne a na le rabolloro ya kgale ka sutukeising ya hae e neng e ielng ya kolwa ke matjekelane pele ba tsamaya. Mme ka baka leo a ahlolwa, a hlaha lekgotleng la dinyewe mme a fumantshwa kahlolo e fokolang.

 

Mandela o ile a tsamaya a ya dula le motswalae, Garlick Mbekene, mme a bollela mohahabo eo maikemisetso a hae a ho ba mmuelli. Mbekene a tsbeisa Mandela ho Walter Sisulu eo le yena a neng a twaletswe Thembuland, mme e le moetapele wa lekala la ANC la selehae, moetapele wa khwaere, le setho sa mokgatlo wa bahlankana ba Maxhosa ba tswang bakeng se le seng. Sisulu e ne e le morekisi wa matlo, empa e se ka mokgwa o tsebahalang mehleng ya kajeno. Alexandra e ne e thehwe e le lekeishene la bathobatsho ka 1912 mme ka hoo e laolwa ke Molao wa Mobu wa 1913, o neng o thibela Bathobatsho ho reka kapa ho rekisa 

thepa dibakeng tsa ba basweu. Rakgwebo wa Lejeremane o ne a fana ka kadimo ya tjhelete, mme ditsi/difeme tsa molao tsa Witkin, Sidelsky le Eidelman di ngodisa tefello ya dibonto tseo. Sisulu o ne a batla bareki mme a fumana khomeshene. Mandela a bolella Sisulu hore o batla ho ithutela molao, mme Sisulu a mo tsebisa ho mmuelli Sidelsky, ya ileng a dumela ho mo hira e le mongodi ya masedinyana, (kajeno e tsebahalang ka hore ke moithuti wa bobuelli) ha a ntse a qetela tikiri ya hae ka dithuto tsa ngollano.

 

  dr alfred xuma 300 220   walter sisulu 300 220  
  Dr. Alfred Xuma   Walter Sisulu  
         

Ho ne ho sa tlwaeleha matsatsing ao hore difeme tsa ba babsweu di fe batho ba batsho masedinyana – ka 1946 ho ne ho na le babuelli ba 18 feela naheng ka bophara mme ka nako eo e ne e le 2% feela ya batho ba batsho Johannesburg ba neng ba na le mangolo a ho ipitsa hore ba maemong a ho ba le porofeshene ya bobuelli. Mandela a ingodisetsa ho etsa khoso UNISA, mme tefello ya etswa ke Sisulu yaba o qala ho sebetsa le Witkin.

Motho wa pele e motsho ya neng a amohelwe e le mmuelli ke makgotla a molao a Afrika Borwa e ne e le Alfred Mangena (ka la 14 Phupu 1910) h a latela Pixi ka Isaka Seme (ka la 22 Tshitwe 1910) le George Dixon Montsho ka 1911. Ka 1960 ho ne ho na le babuelli ba 60 ba batsho Afrika Borwa moo bonyane nngwe borarong ya bona ba neng ba sebetsa Transkei ka nako eo. Ditsi tsa ditshebeletso tsa Diresefe tsa Bathobatsho bonyane tsa fana ka menyetla e mengata jwaloka Johannesburg moo kgethollo dibakeng tsa toropong e neng e etsa hore batho ba dule ba sa sireletseha. Batho ba batsho ba atlehileng ba ne ba ikgobokantse tlasa diporofeshene tsa thepa ya Bunga tse Mthatha e neng e fana ka menyetla e mengata ho letlobo la batjha ba babuelli ba batsho ba neng ba iketsetsa kgwebo ya bona. Diahelo tse ding tsa mesebetsi ya molao di ne di le Johannesburg le Durban.

 

Mahareng a 1942 Mandela o ne a dula mahala dikomponeng mme a dula nakwana lapeng la Walter Sisulu 7372 Orlando West. Ke moo a ileng a kopana le Evelyn Mase, mme ba nyalana ka la 5 Mphalane 1944, ka mora ‘setsokotsane sa lerato’. Mandela o ne a le lemo tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng Evelyn di le mashome a mabedi a metso e meraro mme ho se tjhelete ya mahadi kapa mokete wa lenyalo bakeng sa baeti.  Thembekile o ne a hlaheka la 23 Hlakola 1946. Evelyn o ne a fumana diponto tse 18 bakeng sa mosebetsi wa hae wa booki mme banyalani ba futuhela 8115 Orlando West moo ba neng ba lefa rente ya

17d 6din maqalong a 1947. Ba lapa la Mandela ba fumana ngwana wa bobedi, wa ngwanana ya neng a bitswa Makaziwe. O hlahile a kula mme a se ke a phela ho fihlela a hlokahala a le kgwedi tse 9 ka 1948. Mora wa bobedi, Makgatho a hlaha ka Phato 1950, yaba ka 1954 ho hlaha moradi Makaziwe, ya ileng a bitswa jwalo e le sehopotso sa moradi ya ileng a hlokahala e sa le lesea dilemong tse hlano tsa ho feta.

Bophelo ha o ne o le mongodi wa masedinyana bo ne bo le boima mme tjhelete e sa fumanehe habobebe. Moputso wa hae o qadile e le ponto tse 2 ka kgwedi mme wa nyolohela ho ponto tse 8 ka kgwedi ka Tshitwe 1946.  O ne a apara sutu e le nngwe ya boshwela eo a neng a e filwe ke Mr Sidelsky mme e neng e se e hloka ho phetjhwa nako le nako. Ka nako tse ding o ne a tsamaya dimaele tse hlano ho ya mosebetsing a sa palame bese e le ha a qobeletsa tjhelete ya ho reka dijo. Dilemong tseo tsa bo-mashome a mane, ho sebetsa jwaloka mmuelli ho ne ho hloka hore motho a qete masedinyana a lemo tse 5 mme a atlehe ho fumana Ditlhahlobo tsa Tumello ya ho ba mmuelli, mme ke kamoo Mandela a ileng a kgona ho fumana Tumello ya ho ba mmuellii.

 

  sidelsky bregman mandela   percy yutar 300 220  
  Metswalle ya kgale– le mongodi    Dira tsa kgale -  
  wa mosebetsimmoho wa    Le mmuelli   
  masedinyana Nat Bregman   wa Rivonia  
   le ‘Motsamaisi wa    Percy Yutar  
  hae wa mehleng’ Lazar Sidelsky      
         

Mongodi e mong wa masedinyana eo e neng e le mosebetsimmoho e ne e le Nat Bregman, eo e neng e le wa dithuto tsa bokomanisi le rametlae ya tsebahalang eo ka nako tse ding a neng a hlahella seyalemoyeng le ya ileng a qetella a ipuletse kgwebo ya hae ya molao. Mandela o mo hlalosa e le motswalle wa hae wa pele ya mosweu, o ne a tsamaya dikopano le yena mme ba abelana ka disametjhe ka nako ya dijo tsa motshehare. O ile a ithuta bosiu le ka boikemisetso mme ka 1943 a kgutlela Univesithing ya Fort Hare bakeng sa tikiri ya hae ya Bachelor of Arts le dikapeso.

 

Ka 1943 Mandela o ile a ingodisa Wits ka sepheo sa ho qala khoso ya Bachelor of Laws – LLB, ka tshepo ya hore e tla ba motjhotjhisi. O ne a ithuta a ntse a sebetsa mme e le yena feela moithuti ya motsho lekaleng la molao mme ho ne ho e so ka ba ho ba le mmuelli ya emelang batho lekgotleng le phahameng la dinyeweJohannesburg. Duma Nokwe e ne e be yena motjhotjhisi wa pele ya motsho ho nehwa sekola sa ho botjhotjhisi lekgotleng le phahameng la dinyewe ka 1956.  Ke moo univesithing moo a ileng a kopana le Joe Slovo, Ruth First, Bram Fischer, George Bizos, J.N. Singh le Ismail Meer, hara ba bang ba bangata. Ka kgwedi ya Tshitwe 1946 Mandela a etsa kopo ya kadimo ya tjhelete e kaalo ka diponto tse 250, eo a neng a e hlokela ho ithuta ka botlalo bakeng sa selemo sa hae sa ho qetela sa LLB. O ile a feela a fumana tjhelete eo. Ha e le yena Mandela e ne e le moithuti ya futsanehileng – o ne a se a qetile dilemo tse tsheletseng a ithutela lekala la LLB mme a hlolehile ho atleha ka lemo tse tharo

 

 Ka Tshitwe 1949 a ngolla Hlooho ya Lekala la Molao Moprofesara Hahlo a kopa ho fuwa monyetla wa ho qetela wa ho ngola ditlhahlobo tseo a neng a ntse a sa atlehe ho tsona. Kopanong e ikgethileng ya la 14 Tshitwe 1949 Hlooho le basebetsimmoho ba bang ba tsheletseng ba lekgotla la lekala ba hanyetsana le kopo eo ya hae, ka hore o hlolehile ho atleha dikhosong tse tharo tsa ditlhahlobo tsa selemo sa hae sa ho qetela.

 

Ka 1952, a boela a ingodisetsa LLB Wits, empa le moo a hloleha hara selemo ka lebaka la ho se kgone ho lefella dithuto. Le hoja ka nako eo a ne a se a sebeletsa Hyman Basner e le mmuelli, bonnet e ke hore Mandela o ne a hloka tjhelete e lekaneng ya ho lefella dithuto tsa hae, empa kgetlong lena univesithi e ne e ikemiseditse ho mamela kopo ya hae ka mohau.

Eitse ha hlooho, Humphrey Raikes, a bolellwa ke ramatlotlo mabapi le ho tlohediswa ha dithuto tsa hae ka lehare, a eletsa hore Mandela a fuwe monyetla wa ho kopana le mohlanka ya bolokang direkhoto, Glyn Thomas, eo e neng e le motho ya mohau le eo mohlomong a ileng a fa Mandela keletso e molemo le thuso. Empa Mandela ha a ka a amohela memo

eo. – ka nako eo o ne a se a ikakgetse ka setotswana Letsholong la Phephetso, mmeebile a se a le haufi le ho bula feme ya hae le molekane wa hae Oliver Tambo.

 

  final year LLB Wits 1949 600 328  
 

Mandela ha e le moithuti Univesithing moo a neng a ithuta a ntse 

 
 

 a sebetsa ho tloha ka 1943 – 1946 le moithuti ya phethahetseng ka 

 
  1947 – 1948, Moporofesara Hahlo (bohareng)  

 

Ka 1948, Daniel Francois Malan e ile ya ba Letona mme a qala ntho e ntjha ya kgethollo. Mongodi wa dinobele JM Coetzee o hlalosa kgethollo ka mokgwa o latelang: ‘Kgethollo e ne e le tsamaiso ya kgatello ya karohano e thehilweng mabapi le botjhaba kapa morabe, e thehilweng ke mofuta o ikgethileng, wa sehlopha sa melata e itseng e tswang naheng e nngwe ho matlafatsa puso naheng e nngwe ka dikgoka, haholoholo ho inkela dihlahiswa tsa tlhaho le moruo wa naha.  Sehlopha sena sa batho ba ikgethileng e ne e le ba basweu (ba neng mme le ba ntseng ba bitswa (Makgowa). Mongodi wa tshwantshiso Athol Furgard o ngotse a re: ‘Hobane bonnete, ha ho moo le kajeno lefatsheng –le bonnete ba hore le mehleng ya kgale – ho kile ha ba teng setjhab se nang le mahlale a kgatello ya dipolotiki, e ileng ya thuswa kapa ya kgothalletswa ke thuto e matla ya Sekreste, e kileng ya etella banna le basadi ba nang le kelello ho thibela mahlanya a phephetsang kgopolo – Mme ba etsang hore batho ba kgollwe ke bohlanya boo. Ha ho sebaka bophelong ba rona moo boinotshing kapa moo ho phatlalletseng, ho kileng ha anngwa ke sena.’ ‘Mohlodi’ wa molao wa kgethollo (jwalo ka ha e ne e bitswa Palamenteng ka 1990) e ne e le Molao wa 1950 wa Ngodiso ya Botjhaba, o neng o kgetholla Maafrika Borwa ho ya ka merabe. Molao wa Tudiso ya Batho, hape ka 1950 o ile wa kgethela merabe moo e lokelang ho dula teng ho ya ka Molao wa Taolo ya Batho wa 1951 o ileng wa hlahisa dibaka tsa Mahaeng moo dimilione tsa batho ba seng basweu ba neng ba nkwa e se baahi naheng ya bona ya tswalo, ebile ba nkwa e le dikebekwa ka ha ba ne ba hloka ‘dipasa’. Ka Hlakubele 1963, Mr H J Botha o ile a bua tjena Ntlong ya Kopano ho latela pholisi ya Metse ya Mahaeng, jwaloka ha bontata rona moholo ba Mafora ba ile ba aha mabota a phahameng Zeeland ho thibela metsi a lewatle le ka Leboya ho phallela naheng ya bontata bona, le rona kajeno re aha mabota a botjhaba ho pota Afrika Borwa ho tjhetjellisa matshwele a batho ba batsho. ‘Ka Hlakubele 1963, Mr C M Warren wa United Party, o ile a etsa qotso ya motswala wa Mandela, Morena Kaizer Matanzima ka hara Ntlo ya Kopano e reng, ‘Ho nna karohano ya ntshetsopele e tshwana le seo Magna Carter e leng sona ho batho ba Brithane. Ke lakatsa ho netefaletsa naha ka bophara hore baetapele ba Transkei ba ka ballwa hara boramahlale ba tsotwang lefatsheng’.

 

  boxer   old fort  
  Mandela o ile a ipoloka    Qhobosheane ya kgale, moo   
  a shahlile ka ho    Mandela a kileng a kwallwa  
  ho ba raditebe.      teng makgetlo a mabedi   
  O ile a re o thabela papadi     ka bo - 1950. Eo kajeno  
  ena ya karolo ya     e leng karolo ya diahelo   
  boramahlale’.   tsa Constitutional Hill.  
         

Ka la 18 Hlakola1953, Mongodi wa Toka , Mr AEM Jansen o ile a phatlalatsa hore Lefapha la Toka le hlahisa pholisi ya nako e telele ho qetella kgethollo Makgotleng dinyewe a Kopanelo, mme ka 1960 Mmastrata wa Sehlooho wa Cape Town a phatlalatsa hore phaposing e nngwe le e nngwe ya  lekgotla la dinyewe motsetoropong e tla fumana tafole e arohanyang babuelli ba seng basweu.Mme jwalo ka mosebebetsi wa mmuelli Mandela o ne a tla fumana boiphihlelo bo tswellang ba borabe le kgethollo ka hore a hlahise karete ya hae ya boitsebiso jwalo ka mmuelli kgafetsa, kapa mangolo a hae a hlahlojwe ke bommastrata ba bang – e le ntho e neng e sa tlwaelwa ho etswa ho basebetsimmoho ba basweu. 

Ka 1951, kamora ho ba a qete masedinyana a hae ha Witkin, Mandela a ya sebeletsa feme ya molao ya Terreblanche le Briggish moo a ileng a dula nako e ka bang selemo. Ho tloha moo a ya sebetsa femeng ya Helman le Michel moo a dutseng nako ya kgwedi tse 3. Hore a kgone ho fumana tjhelete e lekaneng mme hlokomele ba lelapa la hae, Mandela a qalella ho ithutela ditlhahlobo tsa tumello ya ho ba mmuelli le moo a ileng a atleha. Ho ya ka direkhoto tsa (oo) e neng le Mokgatlo wa Molao o Kopanetsweng wa Transvaal, Mandela o ile a amohelwa letotong la babuelli ka Hlakubele 1951. Mokgatlo wa Molao o qadile ho bona lesedi ka 1892 e le De Ingelijfde Orde van Procureurs en Notarissen. Ka 1902, wa fetoha Mokgatlo wa Molao o Kopanetsweng wa Transvaal, moo e mong wa bahlomphehi Mahatma Ghandi, a ileng a amohelwa e le mmuelli ka 1903. Ka 1975 o ile wa fetolwa wa bitswa Mokgatlo wa Molao wa Transanvaal oo kajeno o tsebahalang ka Mokgatlo wa Molao wa Diporofensi tsa Leboya. Kamora ho ho atleha ditlhahlobong tsa hae, Mandela o ile a ya sebeletsa HM Basner e le mmuelli ya phethahetseng. Hymie Basner e ne e le motshehetsi ya ratang ditokelo tsa Batho ba batsho. Ho ya ka Mandela ‘ka dikgwedi tseo ke neng ke sebetsa moo ke ne ke hlaha lekgotleng la dinyewe kgafetsa ke emela batho ba bangata ba batsho bakeng sa feme. Kamora boiphihlelo boo ke bo fumaneng moo ke ile ka lokela ho ya ikemela. Ho ya ka direkhoto tsa Mokgatlo wa Molao, Mandela o ile a tsebisa Mokgatlo wa Molao ka la 5 Loetse 1952 hore jwale o se a itshebeletsa. Mongodi wa hae ya ileng a tsamaya le yena ha a tloha ha HM Basner e ne e le Zubeida Patel. Ka nako ena Oliver Tambo o ne a sebeletsa feme ya molao e neng e bitswa Kovalsky and Tuch mme Mandela o ne a hlola a mo tjhaketse ka hora ya dijo tsa motshehare. Ho ya ka direkhoto tsa Mokgatlo wa Molao ka la 4 Tshitwe1953, Mandela o ile a ba tsebisa hore o thehile selekane le Oliver Tambo. Selemong seo le Ruth Mompati a ya sebetsa le bona e le mongodi wa molao

  OliverTambo300 220   mandela lawyer img 300 220  
  Oliver Tambo    Nelson Mandela   
         

E ne e le selekane sa pele sa feme ya molao ya batho ba batsho Afrika Borwa mme e ne e bitswa Mandela and Tambo Attorneys. Ho baokerafi ya hae Long Walk to Freedom:

Ho tloha qalong Mandela and Thambo ba ne ba thibelwa ke batho. E ne e se rona feela babuelli ba batho ba batsho Afrika Borwa empa e ne e le yona feela feme ya molao e neng e le tlasa taolo ya batho ba batsho. Ho Mafrika a matsho re ne re le feme ya kgetho ya pele le tshepo ya ho llela. Ho ne ho le boima ho kena diofising tsa rona nakong tsa hoseng hobane re ne re lokela ho tsamaya hara matshwele a batho diphasetjheng, ditepising le phaposing ya rona e nyane eo batho  ba neng ba leta teng.

Ka phakisa ho elellwa hore Mandela and Tambo e bolelang ho batho feela. E ne e tulo eo ba ka tlang ho yona ho fumana kutlwelo le thuso ya tshehetso, tulo eo ba kekeng ba kgutlisetswa morao ho yona kapa ba qhekanyetswa, tulo eo ba ka ikutlwng ba le motlotlo ka ho emelwa ke banna ba mmala wa letlalo la bona. ‘Sena ke sona se neng se etse hore ke be mmuelli ho tloha qalong, mme mosebetsi wa ka o ne o etsa hore ke ikutlwe hore ke entse kgetho e nepahetseng’.

Dihora tsa mosebetsi wa selekane sena e ne e le ho tloha ka hora ya 8.00 ho fihlela 17.00 hangata ba kwala ka nako ya dijo tsa motshehare ba tsamaye ba yo ja khari. Hangata ka hora eo ba ne ba fihla batho ba se ba qadile mola o motjha. Jwale Mandela o ne a se a kganna koloi ya kgale e mebala e mmedi e metala bo fapaneng (eo a neng a e bitsa Oldsmobileya hae e kgolohadi) ho tloha Orlando West ho ya Chancellar House, a apere baki ya hae e nang le dikonopo tse habedi tse kganyang sefubeng e entsweng ke Alfred Khan, ya neng a boetse a etsetsa Harry Oppenheimer disutu tse jwalo. Le hoja Mandela le Oppenheimer ba ne ba  rokelwa ke motho a le mong, ba ne ba sa rate dintho tse tshwanang, Harry Oppenheimer eo e neng e le Letona la  United Party la Motsetoropo wa Kimberly, ka la 26 Phupu o ne a bue ho Cape Times a re’ Ho bohlokwa ruri hore ho bolokwe bohato bo boholo le karohano setjhabeng le bodulong dilemong tse ngata tse tla latela hobane Motho e motsho o ne a le lefifing ho tsa dipolotiki, setso le tumelo."O na le ponelopelele ya ho nyamela ha karohano, empa ho tla nka meloko e mengata pele ho ka phethahala,  hobane Batho ba batsho ba lokela ba lokela ho hodiswa ho ya ka maemo a Sekgowa.”

Ka sebele Mandela e ne e le mmuelli ya hlwahlwa, le hoja ka mohlomong lekgotleng la dinyewe a ne a betwa ke pelo le makoko mme a iponahatsa ka diketso. Molekane wa hae Oliver Thambo yena e ne e le motho o ne a fapane haholo ho yena – o ne a thotse, a imametse a le le leihlo le tjhatsi. Mandela o ne a dumela hore yena o ne a hloleha ho etsa mosebetsi wa tsamaiso le wa ditjhelete, athe Thambo yena o ne a le sedi mme a

hlokomela dintho. Balekane bana ba babedi ba nka qeto ya hore Mandela yena o tla nka mosebetsi o mongata wa dinyewe tsa lekgotleng ha Thambo yena a tla shebana le mosebetsi o mongata wa ofising.  Hobane Mandela o ne a kgethetswe setereke sa Mmastrata wa Johannesburg ka baka la dithibelo tsa hae o ne a sa dumellwa ho nka dinyewe tse ka thoko ho dibaka tsena. Tambo a tlameha ho mosebetsi oo mme ka baka leo mosebetsi wa ameha.

 

  mandela and moroka 300 220   burning of passes  
  Ka nako ya Letsholo la Tello    Letsholong la Tello   
   ka 1952, le Dr Moroka.   ho tjheswa dipasa   
         

Ka 1950 Mmuso o ile wa tswellisa Molao wa Kgatello ya Makomonisi o ileng wa fetola Mokgatlo wa Makomonisi, oo ka nako eo o neng o na le ditho tsa batho ba ka bang 2500. Ho ile ha kgethwa motho ya tla etsa bonnete ba hore mokgatlo ona o a kwalwa mme a ngole letoto la Makomonisi, ao e neng e le Makomonisi le ba neng ba a tshehetsa. Ka 1958 motho eo ile a ngola batho ba ka bang 600 tlasa Molao oo, ba neng o kenyelletsa Walter Sisulu le Nelson Mandela. Ka 1968 ha ba kwaletswe Robben Island, metswalle ya bona ya sebele ya kenya kopo ya hore mabitso a bona a tloswe letotong leo mme ya atleha.

Letsholo la Tello ya Melao e hlokang Toka le ile la qala ka la 26 Phupjane 1952. Ka Tshitwe 1952, Letona la Toka a etsa tsebiso e thibelang Mandela ho ya kopanong efe kapa efe seterekeng sa mmastrata bakeng sa kgwedi tse 6, hape a thibelwa ho dula sebakeng sefe kapa sefe sa Mokgatlo ha e se seterekeng sa Mmastrata wa Johannesburg. Mapolesa a thethefatsa letsholo leo ka ho tshwara baetapele ba lona ba bangata ho kenyelletswa  

le Mandela, ya neng a qoswe tlasa Kgatello ya Molao wa Makomonisi. E ne le baqosuwa ba mashome a mabedi, mme lerata lekgotleng la dinyewe e le le tshabehang hoo Mmastrata a ileng a kopa mopresidente wa ANC, Dr Moroka (ya neng a kene bakeng sa Dr Xuma e neng e le Mopresidente wa ANC ka 1949) ho tebela mokgopi, mme eo a etsa jwalo. Bohle ba

neng ba qositswe ba tshwarelwa ho ntshetsapele ditaba tsa makomonisi mme ba fumantshwa kahlolo e ileng ya qhalwa.

Moahlodi wa nyewe Rumpff a bolela hore ke makgetlo ba bolella bahwanti hore ba ‘latele tsela ya kgotso mme ba qobe merusu ka tsela tsohle.’ Ka la 20 Phupjane 1949, Letona la Toka, CR Swart a re ho lekgotla la mmuso, ‘E le nnete bommastrata ba rona le baahlodi ba kwetliseditswe ho hlokomela ‘senokowane ha ba se bona, le bongata ba Bathobatsho bana, mme ke hlokometse, ba leka ho etsa e ka ha ba na molato, empa ha ba shebahale jwalo ho ya ka ponahalo ya bona’.

 

  suppression of communism trial   trial support 300 220  
  Mashome a mabedi a baetapele    Batshehetsi Kahlolong   
  a ile a tobana le melato   ya nyewe   

Ka lebaka la merusu ena, Mokgatlo wa Molao wa Transvaal wa etsa kopo ya hore lebitso la Mandela le tloswe letotong la babuelli. Taba ena e ile ya iswa Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe mme Mandela o ne emetswe ke modulasetulo wa Molao wa porofeshene ya babuelli, Walter Pollak.  Lekgotla la hana ho amohela kopo eo mme la fumana hore, le hoja diketso tsa hae di ka nkwa habobebe, o ne a kgothatswa ke ho sebeletsa batho ba habo ba seng basweu.

Lekgotla la fumana hore mabaka a ho tlosa lebitso la hae letotong la babuelli ha a na matla. Ho ya ka Mokgatlo wa Molao o Kopanetsweng wa Transvaal kgahlanong le Mandela wa 1954 wa (3) SA 102(T), Lekgotla le lona la fumana hore a ka hlakolwa ha feela seo a se entseng se ne se etsa hore a se ke a ba le seriti sa ho ba maemong a hlomphehang a porofeshene. Nyewe ena ya tswela pele ka hore, ho ya ka kgopolo ena ke mosebetsi wa lekgotla ho kgalema mmuelli ya qoseditsweng molato.  Kopo ya qhalwa. Ka la 25 ho ya ho 26 Motsheanong ka 1955, batho 3000 ba kgobokana Sebokeng sa Batho se neng se tshwaretswe Kliptown, moo ho ileng ha dumellanwa ka Tokomane ya Ditokelo tsa Batho (Freedom Charter). Tse ding tsa diketsahalo tsa tello ya bongata di ne di etsahala dibakeng tse ka Bophirima (kgahlanong le ho tloswa ha batho moo ba dulang teng ka tshusumetso) le letsholo kgahlanong le thuto ya Batho.  

Hoseng ka Laboraro la 5 Tshitwe 1956, (ho ile ha bonahala tshisinyeho e le nngwe ya diketso tsa sepolesa Kopanong’, ha mapolesa a tshwereng mangolo a ho tshwara batho a saennweng ke Mmastrata wa Johannesburg, a ikakgela hara baetapele ba itseng ba dipolotiki mme ba tshwarwa bakeng sa molato wa keko e kgolo. Ba fumanweng ba le molato ba ne ba tliswa lekgotleng ka diqujwana tsa ba mashome a mabedi. Bohle ba ile ba fumanwa ba le molato wa keko e kgolo mme ba bolokwa Qhobosheaneng, Tjhankaneng ya Central, Johannesburg ho fihlela ka la 19 Tshitwe 1956. Nelson Mandela le Oliver Tambo ba ne ba le hara baqusuwa. Nyewe ya Keko Jwaloka ha e ile bitswa jwalo, e ne e nka dilemo tse ngata mme e ne e tla qetella e fokotsa matla a mosebetsi wa selekane sa bona.

 

  passes   proof  
  Nelson Mandela nakong ya   Mmuso o bontsha bopaki   
   letsholo la tello    ba ditokiseletso   
  kgahlanong le dipasa    tsa diphuputso   
  bakeng sa basadi   tse 10 000  
         

Tokiseletso ya phuputso e nkileng nako e telele e qadile ka la 19 Tshitwe 1956. Mmuso wa hlahisa boitsebelo ba hore Freedom Charter e ngotswe ke ANC, SAIC, SACP le COD mme e bolela mehato e lebisang ho ketola

Mmuso le ho theha mmuso wa makomonisi; le hore ba bang ba baqosuwa ba entse dipuo tse hlohlelletsang diketso tse ding hape palamenteng bakeng sa sepheo sena k.h.r phetoho mmusong e etswang ka dikgoka le tshollo ya madi. E mong wa babuelli da sireletsang, Vernon Berrange QC a hatella hore keko eo ho hopolwang hore e kgahlanong le ba 156, e lekana le morero wa polotiki e tshwanang le ya ba neng ba hatakellwe ke balaodi nakong ya dipotsiso kapa kahlolo ya mollo ya Reichstag Germany. Basireletsi ba ka paka hore baqosuwa ‘ke ba entsweng hampe ke boradipolotiki ba phephetsang mollo ho ba nang le boikarabelo bakeng sa dikahlolo’. ‘Ena ha se nyewe e fokolang’, a rialo, “ebang e mong a na le mokgwa o kgopameng oo ho tshwarwa ha bato ho etsahetseng ka hona.” Ditho tse ding tsa Lekala le Ikemetseng tsa CID tsa dumela tlasa dipotso tsa basireletsi hore ANC hangata e thefula “ntwa ya bona e se nang dikgoka.” Ditokiseletso tsa dipotso di ile tsa qetwa ka Loetse 1957, mme diqoso tsa tlohelwa kgahlanong le batho ba 84 ho kenyelletswa le Oliver Tambo, le mopresedente wa ANC Albert Luthuli.  Nyewe ya hula selemo le selemo mme ka Hlakubele 1961 Moahlodi e Moholo Rumpff a diha nyewe, a lokolla bohle ba neng ba qositwe. Sena se ne se thehilwe hodima hobane “Mmuso ha o ka wa hlahisa bopaki ba hore o laolwa ke Makomonisi le hore boahlodi bo hlokile ho bontsha hore Congerss e ne e na le maikemisetso a ho fumana diphetoho tseo e neng e di labalabela ‘ka dikgoka.’

 

  song of protest   luthuli and tambo  
  Mandela mokgoping wa    Albert Luthuli le Oliver Tambo  
  pina ya dikganyetso    - Bobedi ba bona ba ile   
  Drill Hall, Johannesburg   ba lokolwa Nyweng ya Keko  
   - ka 1956   ka 1958   
         

Ka Pherekgong 1958 Mandela a etsa kopo lekgotleng la la tlhalano hore o hlala Evelyn, mme tlhalano ya phethahala ka la 19 Hlakubele 1958. Ho ya ka kabo ya thepa bakeng sa tlhalano, lekgotla la laela hore Evelyn a boloke thepa e 8115 Orlando. A boela a fumana thaetlele ya poloto eo Mandela a neng a e rekile Mthatha, a boloka boholo ba thepa e phahamisehang, mme a fumana le tjhelete e kaalo ka diponto tse 50. Hape a dumellwa le kgodiso ya bana ba banyenyane ba bararo le hore o tla fumana diponto tse 15 ka kgwedi bakeng sa kgodiso le ditjhelete tsa sekolo. Ka Phupjane Mandela o ne a filwe tokollo ya matsatsi a tsheletseng kgahlanong le thibelo ya hae mme a nyala Winnie Bizana ka la 14 Phupjane1958. Winnie o ile a tshwarwa kgetlo la pele ka Mphalane 1958, kamora ho ikamahanya le basadi ba ANC Orlando moo ba neng ba entse mohwanto o phatlaletseng mme a kwallwa beke tse pedi.

Zenani o ne a hlahe ka la 5 Hlakola 1959 mme Zindzi a hlaha ka la 23 Tshitwe 1960. Melao ya tjhankana e ne e sa dumelle baeti ba ka tlase ho lemo tse 16, mme o ne a utlwa bohloko haholo nakong eo a neng a kwalletswe ka yona.

John Voster o ne a kgethelwe ho ba Letona la Toka ka 1960. Jwalo ka Mandela Voster le yena e ne e le mmuelli ya neng a kile a tshwara pakeng tsa 1942 le1944 Koffiefontein bakeng tsa kgollo ya hae dipolotiking. Voster o ne a nyolohetse maemong a ho ba Mokgenerale lekaleng la sesole sa Ossewabrandwag, le hoja a hana hore o kile a itlama diketsong tsa tshenyo ya thepa. Hangata o ne a hlapanya hore o tla ‘ripitla’ makomonisi mme kamora ho kgethwa ha hae a hlahisa molao wa ho kwallwa ‘matsatsi a 90’, moo motho a ka kwallwang matsatsi a 90 a sa fumane ho qoswa.

Ka la 21 Hlakubele ha etsahala polao ya batho ba bangata ka sehloho Sharpville, ho ya ka Molao wa Mekgatlo e seng ya Molao, mme ka bobedi PAC le ANC tsa fediswa. Mmuso wa hlomamisa maemo a letsholo la tshohanyetso le neng a tla nka matsatsi a 156 – ka nako e nngwe ho kile ha ba le batho ba 21 000 ba ileng ba kwallwa Modder B le di dikampong tse ding.

 

  state of emergency   nelson winnie zindzi 300 220  
  April 1960:   Tshitwe 1960:  
  Phatlalatso ya Maemo a Mmuso    Nelson le Winnie Mandela   
  a Letsholo     le moradi   
  la Tshohanyetso    wa bona wa   
   Sesole Johannesburg   bobedi Zindzi   
         

Ka Mphalane 1960, mmuso wa Verwoed wa tshwara referandamo pakeng tsa setjhaba sa babasweu ho phtlalatsa naha e le rephaboliki. Ba bangata ba dumellana le yena. Letsatsi la ho phatlalatsa Rephaboliki le ile la behelwa mohla keteko ya dilemo tse mahome a mahlano a motso o mong a Kopano. Letsatsi la 31 1961 Motsheanong le ne le saletswe ke matsatsi a leshome feela thibelo ya Mandela ya lemo tse hlano e feela. Mandela a hlaha ka pele ho seboka sa All – Africa, Pietermaritzburg moo ho neng ho tlile baromuwa ba 1 400.

 

Ba ne ba batla ‘molaotheo wa demokerasi e hlokang mmala’ Afrika Borwa mme ba tseka hore ho be le seboka sa naha sa baemedi ba banna le basadi ba kgethilweng ka tekatekano, ho sa kgethwe botjhaba, mmala kapa tumelo. Mandela a bolella seboka hore kamorao ho sona ho ne ho lokela ho thehwa mmuso o phethahetseng wa demokerasi, Mona Mandela a iponahatsa hore ke moemedi wa mankgonthe setjhabeng eo ANC e kileng ya ba le yena. Eitse ha mapolesa a hlaha, Mandela le baetapele ba bang ba nyamela.

 

  all in conference   fake passports 300 220  
  Ha a bua le seboka sa    Phsepote ya Mandela   
  All- in- Africa    ya bohata  
  Pietermaritzburg    Lebitso  
  - ka Motsheanong 1961    la David Motsamayi  
         

Mapolesa a tshireletso, a neng a itse a batla ho ‘loba dihlooho tsa baetapele ba batho ba batsho ha ba ntse ba hlahella”, mme a qala letsholo la ho tsoma Mandela le basebetsimmoho ba hae. Sena se etsahetse nako e ka bang kgwedi, empa ho se letsatsi le fetang Mandela a sa etse sehlooho ditabeng. Ho ne ho letsetswa bahlophisi mehala mme Mandela ya e ba e mong wa bao lentswe la hae le ketetsang ditsebeng Afrika Borwa, mme o ne a tshwara dikopano tsa sephiri le baqolotsi ba ditaba. A ikgakantse kapa a sa ikgakanya, Mandela o ne a bonahala haholo – mme hona tlasa mahlo a sepolesa.

Ho batlwa ha ba dulang lapeng ha ho a ka ha atleha ka botlalo ho hapa batho ba neng ba se na kgahleho dipolotiking.

Ka la 8 Pherekgong 1961 Mandela a tsebisa Mokgatlo wa Molao hore jwale o sebetsa e le motlatsi porofesheneng.  Ka la 7 Phupjane 1961 Mandela a tsebisa Mokgatlo wa Molao hore ha sa hiruwe e le motlatsi porofesheneng mme o iketsetsa mesebetsi e fapaneng Lekgotleng la Mmastrata.

Ka la 5 Phupu 1961, mokgatlo wa molao wa tsebiswa ke feme ya molao wa Gemiston ya H Davidoff le Herman hore Mandela o tlohetse ho sebetsa jwalo ka mmuelli. Hona e ne e tla ba bopaki ba ho qetela ba ngollano pakeng tsa Mokgatlo wa Molao le Mandela e le mmuelli – eo jwale a neng a tla latela tsela e nngwe bophelong. Halofong ya 1961, Mandela, Sisulu le baetapele ba bang ba ANC le ditho tse ding tsa mokgatlo wa makomonisi ba theha “Umkhonto we Sizwe” (spear of the nation) ho etsa dipograma tsa merusu a maemong a hodimo.  Pheletsong ya 1961 dibakeng tse ngata tsa naha, ha thehwa maqujwana mme ha qhomiswa dibhomo tse tobaneng le diphofu, Mandela o ne a hlaha a nyamela dihukung tse ngata tsa Afrika Borwa hoo boraditaba ba neng ba mmitsa: “The Black Pimpernel”.  O ne qeta nakwana polasing ya Rivonia, a ikgakantse jwaloka ka mosebeletsi wa jareteng kapa mokganni wa koloi. Ka Pherekgong 1962 o ne a lokela ho kopana le eo e neng e le molekane wa hae Oliver Tambo hape, Ethiopia, moo a neng a rometswe ho ya theha ANC ka ntle ho naha.

 

  algeria 300 220   rivonia sleeping quarters bed 300 220  
  Mandela Algeria ka 1962 -   Moo a neng a robala teng Rivonia   
  A etetse baofisiri ba sesole   ha a ipatile  
         

Mandela o ile a thobiswa ho tswa Afrika Borwa ka mmila o yang Lobatsi Botswana, mme ka sefofane ho ya Addis Ababa. Ho ya ka tayari ya hae, o ne a nkwa le moeti wa Mmuso mme a tshwarwa hantle ka makgethe ke baetapele ba kang Julius Nyerere Habib Bourguiba, Sekou Toure, Leophold Senghor, Ben Balla of Nigeria le William Tubman wa Liberia. London o ne a kopane le Hugh Gaitskell wa Labour Party, le Jo Grimmond wa Labour Party. Haile Selassie wa Ethiopia a neha Mandela Mandela phasepote ya bohata ka lebitso la David Motsamayi, e mong eo e neng e le motho wa feme ya molao ya Mandela le Tambo. Mandela o ne a tla a tla e sebedisa ha a kgutlela Afrika Borwa.

Ka la 5 Phato 1962 Mandela a tshwarwa haufi le Howick, KZN a ikgakantse jwaloka mokganni –  o ne a etswa kopanong le Luthuli, moo a neng a ilo tlaleha ka maeto a hae a lefatshe.

Ka Motsheanong 2016 Sunday Times ya hlahisa hore David Rickard ya neng a sebeletsa Motlasa Mokonsole wa US Durban mme e le sehlola sa CIA, o ne a dumele hore ke yena ya ne a sebedise bohlale bo neng bo etelle ho tshwarwa ha Mandela.

 

  cecil williams   mandela traditional dress 300 220  
  Cecil Williams o ne a tshwarwe le Mandela ka la 5    Ha a hlaha nyeweng ya hae ka Mphalane   
  Phato1962   ka 1962  
         

Mandela o ne a hlahe Lekgotleng la Dinyewe la setereke sa Johannesburg kgahlanong le ho phephetsa morusu le ho tswa naheng a se na phasepoto mme a fumanwa a le molato. A ahlolwa lemo tse hlano a le tjhankaneng, mme a romelwa Robben Island, moo a neng a kwaletswe a le mong. Ka Phupu 1963, ha hlaha diketso tse kahodimo ho 200 mabapi le tshenyo ya thepa tse neng di entswe Afrika Borwa. Ka la 11 Phupjane1963, mapolesa a hlasela polasi ya Rivonia, e neng e patile ditokomane tse boima tse hokahanyang Mandela le bareri ba diketsahalo. O ile a kgutliswa tjhankaneng a tliswa Rivonia mme pheletsong ya nyewe a fumanwa a le molato wa diqoso tse nne mme a ahlolelwa bophelo ba hae bohle tjhankaneng.

 

Ofisi e neng e le Chancellor House e ile ya tjheswa ke mollo ka 1960, mme sena hong le mesebetsi ya bona e atang ya dipolotiki tsa etsa hore ho be boima ho tswelapele ka mosebetsi wa molao mme tsa kwalwa. Ka 2011 ha moaho o batla o heleha, o ile wa fumana ho lokiswa ka diranta tse dimilione tse 7 ke Johannesburg Development Agency.

 

Diofisi tse 3 tsa feme ya molao di tla fetolwa laeborari e bolokang ditokomane tsa khomputhara bakeng sa dinyewe tse neng di sebetswa ke feme. Ho tla behwa Mosiamo mokatong o ka tlase mme ena e tla kenyelletsa ditokomane tsa tumello lekgotleng, difoto tse sa kang tsa phatlalatswa, ditaelo tsa thibelo – tsena kaofela di amana le mesebetsi ya Mandela and Tambo Attorneys. Mmuelli George Bizos, motswalle wa bophelo le mmuelli wa Mandela e ne e le moeti ya khethehileng tlhomamisong ya moaho ona o ntjhafaditsweng mme o ile a re: Ke motlotlo haholo ka ketso e entsweng ke Motsetoropo ho ntjhafatsa moaho ona. Ke moaho o phelang, sebaka se phelang sa tlotlo ya Nelson Mandela, Oliver Tambo, Duma Nokwe, Mendi Msimang, Godfrey Pitje le ba bang.

 

  chancellor house restored 320   office mandela tambo 320  
  Chancellor House    Sebaka se senyane sa   
  Kamora ho ntjhafatswa   kamohelo le diofisi 
      tsa Nelson Mandela
      le Oliver Tambo
       

E ne e le ka nako eo a neng a emetse kahlolo nyeweng ya Rivonia moo a ileng a ngola le ho atleha ditlhahlobong tsa hae tsa LLB tsa pele jwalo ka moithuti ya ithutang ngollano le Univesithi ya London. Ka 1967 ha a le Robben Island o ile a atleha ho phetha ditlhahlobo tsa hae tsa ho qetela moo hape a ileng a dieha. Mosebetsi wa hae o bile boima hape ka 1970 ha mmuso o tlohedisa ho fumana dibuka mose ho matwatle tse neng di fumanwa ka Lenqosa la Brithane. Ka 1974 a nahana ho qetela LLB ya hae ya Wits, a fumana karabo ya molao e mo hlokomedisang ho tswa univesiting ho na le ho fumana kutlwelo.

Ka nako eo Lefapha la Ditjhankana le ile la thibela ngollano ya hae le Wits

Mme ba hana ho mo fa tumello ya ho tswela pele ka dithuto tsa hae tsa LLB, le ho ba ke ka London, Wits kapa UNISA.

Ka baka la ditlamorao, Mandela o ile a tlameha ho qalella dithuto tsa hae fatshe mme a ingodisetsa dithuto tsa BCom (Molao) le Unisa. Qetellong ka 1981, yaba ke ho fediswa ha molao Unisa, Moporofesara William Joubert, o ile a susumetsa mmuso hore ke mohlolo ho dula ba hanyetsa Mandela ho qeta LLB ya hae, mme a boela a dumellwa ho ingodisa le Unisa, moo a ileng a qetella a atlehile ka 1989, dilemo tse 46 ka mora ngodiso ya hae ya pele bakeng sa tikiri Wits.

Babuelli ba bangata ba ile ba sheba molao le ditaba tse amanang le Mandela nakong eo a neng a kwaletswe. Feme ya Cape Town ya molao, Bernadt, Vukic, Potash & Getz (eo pele e neng e le Frank, Bernadt & Joffe) ya kgobokanya mosebetsi ho tloha ka 1966 – 1990. Ka 2004 Himan Bernadt a theha Setsi sa Sehopotso se nang le difaele tsa feme tsa molao tsa Mandela, Ka makgetlokgetlo Mandela o ne a tella diketsong tsa tshoso ya molao moo balaodi ba robang kapa ba hlolehang ho latela melao ya bona, mme difaele tsa feme di ngotse maikemisetso a Mandela a ho phephetsa tsamaiso a sebedisa matla ao a ka a fumanang.

 

  daughters   mandela mothers pain 1  
  Baradi ba    Mme wa Nelson Mandela -  
  Nelson Mandela   Noqaphi Nosekeni, mosadi wa   
  le Winnie Madikizela:    borarao ho bane ba  
  Zindzi le Zenani    Henry Gadla  
         

Mandela o hlokahetse ka la 5 Tshitwe 2013 a le lemo tse 95. Ka letsatsi le hlahlamang Mokgatlo wa Molao wa Afrika Borwa le bakeng sa dikarolo tsa wona tse 6 wa etsa setatemente se latelang:

‘Lefstheng e ne e le aekhone, ho ba lelapa la hae le naheng ya rona e ne e le ntate, empa ho porofeshene ya babuelli e ne e le kgalala e boitshwaro boo bohle ba porofeshe re bo lakallettsang: poelano, toka setjhabeng le tlhompho bakeng sa bohlokwa ba melemo e hatelletsweng hodima Molao wa Ditokelo tsa Botho.

Mandela ne a kgethe ho sebetsa maemong a rona, Yena hong le Oliver Tamboba butse feme ya pele ya batho ba batsho naheng, e fanang ka tshepo le seriti ho batho ba feletsweng ke tshepo, Ba hlahlela letlbo la rona la babuelli tsela.

Wili ya Mandela ya pele e ngotswe ka 2004 mme ya lekolwa botjha ka 2008.

Mosadi wa bobedi wa Mandela, Winnie Madikizela Mandela ha a ka a hlaha wiling.

Yena le Mandela ba hlalane ka 1996.

Ka 2014 Babuelli ba Winnie ba etsa kopo lekgotleng hore thepa e ne e rekwe nakong eo ba neng a nyalane le Mandela ka yona mme e lokela ho ba ya hae ho ya ka moetlo wa Bathembu. Ka Mmesa 2016 Lekgotla le Phahameng la Dinyewe Mthatha la hanyetsa kopo eo mme a lokela ho lefa ditjeho.  Ka Phato 2016, a etsa boipiletso ho SCA ho fetola qeto eo.

Ka Motsheanong 2016 ha phethahatswa wili ya thepa ya mofu ke Balaodi George Bizos le Dikgang Moseneke mme ba e hlalosa ka mokgwa o latelang:

Machel a fumana dithepa tse nne tseo banyalani ba neng ba di kopanetse Mozambique.

Hape o tla fumana dikoloi tsa bona, mabenyane ao a a fumaneng nakong ya lenyalo la bona le tjhelete yohle e dibankeng kapa e polokelong diahelong tsa ditjhelete.

 Machel le Mandela ba ne ba nyalane ka lenyalo la kopanelo ya thepa. E ne e le mosadi wa hae wa boraro. Bana ba Machel ba lenyalo la hae le Mopresidente Samora Machel eo eneng e le mopresidetnt Mozambique, Josina le Malengane ba fumane R3 million a le mong.

O siile R100 000 ho bana ba tsheletseng ba Machel ba lenyalo la hae la pele. Machel o ile a lokela ho nka matsatsi a 90 mabapi le ho etsa qeto mabapi le thepa ya Mandela. Moseneke a re seo a se entseng ke hore metse ya Mandela -  o Houghton, o Johannesburg, o Cape Town, o Qunu le o Mthatha Eastern Cape e tla dula tlasa letlole.

Ditho tsa ba lelapa di tla kgona ho etela metse ena ha di batla ho e sebedisa.

 

  house at victor verster   retirement home at qunu  
  Motse o setsheng sa tjhankana ya    Motse oo e neng le wa phomolo    
  Victor Verster   wa Mandela Qunu  
         

Tjhelete e ile ya ajwa ka mokgwa o latelang:

 

  • Bana ba Mandela ba mosadi wa pele Evelyn, Makgatho Mandela le Makaziwe Mandela, ba tla fumana R3.5m le R3.3m ka ho latelana.
  • Bana ba Makgatho, Mandla, Ndaba, Mbuso le Andile Mandela, ba tla fumana R1.1m a le mong.
  • Bana ba Makaziwe - Dumani le Tukwini Mandela, Adjao Amuah le Kweku Amuah –ba tla fumana R1.1m a le mong.
  • Bana ba Thembekile Mandela, Ndileka le Nandi Mandela, ba tla fumana R3.3m a le mong ho tswa thepeng. Thembekile ke mora e moholo wa Mandela le Evelyn.
  • Bana ba Madikizela-Mandela, Zenani Mandela-Dlamini le Zindzi Mandela, ba tla fumana R3m a le mong.
  • Bana ba Zenani - Zinhle, Zaziwe le Zamaswazi – ba tla fumana R100 000 a le mong.
  • Bambatha, Zondwa, Zwelabo le Zoleka, bao e leng bana ba Zindzi, le bona ba tla fumana R100 000 a le mong.
  • Setloholwana sa Mandela, Zozuko Mandela, eo e leng ngwana wa Zamaswazi o tla fumana R100 000 ho tswa thepeng.
  • Basebeletsi ba hae ba robong, ba neng ba sebetsa haufi le Mandela, ho kenyelletswa le eo e neng e le mothusi wa hae La Grange, ba fumane R50 000 a le mong ho tswa thepeng.
  • Diahelo tsa thuto - Univesithi ya Witwatersrand le Univesithi ya Fort Hare – di fumane R100 000 e le nngwe.
  • Sekolo sa Sekondari sa Qunu Eastern Cape le Orlando West High School ya Soweto, Gauteng, di fumane R100 000 se le seng. Diahelo tsena di lokela ho sebedisa tjhelete bakeng sa dibasari.
  • ANC e tla fumana bonyane10%ho ya ho 30% ya tjhelete eo a e fumanang ho Letlole la ba lelapa la NRM ka selemo.

Mmuelli wa Mandela le motswalle George Bizos o itse wili ena e bontshitse kamoo Mandela a neng a sa inahanele kateng.

"Ditakatso tsa hae wililing ke kakaretso ya ditakatso tsa bophelo ba hae. Hape o fane ka thuso maifong a thuto. O ne a sa inahanele,” ha rialo Bizos ka maikutlo a tebileng ha a qeta ho bala wili.

 

  mandela pic 1   mandela s favourite 300 220  
  Ka nako e telele lefatshe    Madiba le e mong wa baratuwa    
  le ne le sa tsebe hore.    ba hae.  
  Mandela o shebahala    Hore na Madiba o reng?  
  jwang. Sena ke setshwantshosa    O ka   
  maikutlo a motaki.   iketsetsa qeto!  
         

RE A LEBOHA HA O BADILE

 

Back to Home page >>